Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mohafe o bula sefuba ka tsa nako ya hae ho Gallants

Mokwetlisi wa mehleng wa Marumo Gallants Phuti Mohafe, o butse sefuba ka mora ho nyahlatswa sa mmoko wa pere ke sehlopha seo a qadileng sehla le sona.

Mohafe, o buile lekgetlo la pele ka mora ho hatiswa kosene ka mora dipapadi tse hlano fela sehla se qadile.

“Hake tsebe ke e beye jwang,” ho realo Mohafe ya seng a sena sehlopha.

“E bile beke e phathahaneng ho nna. Kene kesa lebella ho hatiswa kosene haholo ka mora dipapadi tse mmalwa tseo re dibapetseng.”

“Empa nke ke ka tletleba hobane ne nke ke ka laola diqeto tsa botsamaisi.”

Mohafe o hlalositse ha tsohle dietsahetsr ka potlako moo sehlopha se hlokileng le ho moqhwaya.

Tlasa Mohafe, Gallants e bapetse dipapadi tse hlano moo e hlotsweng ke ho hapa papadi.

5 Games
2 Draws
3 Defeats

Gallants e hlwaile sethibathibane sa mehleng sa Mamelodi Sundowns Ronnie Kananelo hoba mokwetlisi wa bona.

BALA: Pirates e monyetleng wa ho fumana mpho ya difate dipapading tsa CAFÂ