Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

African Stars e lebisa papadi kgahlano le Pirates naheng ya Botswana

Sehlopha naheng ya Namibia sa African Stars, se nkile qeto ya ho lebisa papadi ya bona kgahlano le Orlando Pirates naheng ya Botswana.

Sehlopha sena, se bapalletse papadi ya mokgahlelo wa pele lebaleng la Loftus Versfeld mmo tebello e neng e le hore batla lebisa papadi ya mokgatlo wa bobedi.

Le ha hole jwalo, sehlopha se nkile qeto ya ho lebisa papadi Botswana lebaleng la Botswana National.

Qeto ena e hlalosa hore monyetla wa Pirates wa ho bapalla dipapadi tse pedi ka hara Afrika Borwa kapa Gauteng o fella moyeng.

Pirates e tla lokela ho nka leeto ho leba Botswana ka la 17 Mphalane moo papadi e tla thakgoha ka 15:00 hara mpa ya motsheare.

Sehlopha se hapang maoto ao ka bobedi, setla fetela mokgahlelong wa dihlotshwana [Group Stages].

BALA: Mohafe o bula sefuba ka tsa nako ya hae ho Gallants