
India e hlotse Afrika Boroa le ho ikgapela letoto la ODI
Naha ya India e tlontlollotse ya Afrika Boroa papading ya ho qetela ya tse tharo tsa ODI ka ho ba hlola ka wicket tse 9 (9 wickets.
Afrika Boroa, e hlotswe ke lotho lekgetlo la pele dipapading tse tharo mme ba qobelleha ho otla pele.
Baamohedi ba baeti [India] ba kentse Afrika Boroa tlasa kgatello e matla le ho ketola dibapadi kaofela sehlopha se dutse memathong e 270.
Quinton De Kock (106) le Temba Bavuma (46) ke bona dibapadi tse lekileng hobetsa mematho e leshongwana papisong le dibapadi tse ding le ha baile ba ketolo.
Matthew Breetzke (24), Dewald Brevis (29) le Keshav Maharaj (20*) ke bona fela dibapadi tse kgonne ho tlola 20 pele Afrika Boroa e ketolwa ka mematho e 270.
De Kock, o entse lekgolo la bobedi ka mora ho kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba mme e bile e le la hae la bosupa mobung wa India dipapading tsa letsatsi ka leng.
Makenong a bobedi, Afrika Boroa e kgonne fela ho ketola sebapadi se le seng sa India ha India e ne e lelekisa mokolokotwane wa le ho ikgapela papadi ka wicket tse robong.
Tlholo ena e hlalosa ha India e le yona e hapile letoto la dipapadi tse letsatsi ka leng (ODI) ka 2 – 1. India e ile ya hapa papadi ya pele ka mematho e 17 mme Afrika Boroa ya hapa ya bobedi ka wicket tse nne.
Dinaha tsena ditla fetola mawa le ho qala ka dibapadi tsa T20 e leng dipapading tsa ho qetela tsa Afrika Boroa naheng ya India.
BALA HAPE: Di’Proteas dilwana ya kgumamela ho lekanya dintlha kgahlano le India
