
Mokwetlisi wa mehleng wa Pirates o teng ka hara naha
Mokwetlisi wa mehleng wa sehlopha sa Orlando Pirates Jose Riveiro, o twng ka hara naha lekgetlo la pele ka mora ho arohana le sehlopha seo a entseng nalane le sona.
Riveiro o arohane le Pirates ha sehla se fela a leba naheng ya Egypt moo a kwetlisitseng dipapadi tse supileng fela pele a hatisa kosene sehlopheng sa Al Ahly.
Puisanong le Supersport, mokwetlisi enwa ya hapile mehope a mehlano ka dihla tse tharo le Pirates, o hlalositse ha ketelo ya hae ka hara naha e le hobane a fumane sememo se ikgethileng ho tswa ho Carling Black Label pele ho makgaolakgang.
“Ke bile karolo ya leeto la Black Label bakeng sa dilemo tse tharo. Ha jwale kena le monyetla wa ho ba karolo ya Black Lbel bakeng sa dibeke tse mmalwa ho etsa bonnete ba hore re ba le makgaolakgang a monate,” ho realo Riveiro.
Ha jwale mosebetsi wa Riveiro e sale pinyane empa tebello ke hore sebokeng sa boraditaba setla tshwarwa, mohatla nku o tla phehlelwa mashudu le ho tsibisa tse ding tsa ditlha tse hlokang tlhakisetso.
Le ha asa hapa mohope ona le sehlopha sa hae sa Orlando Pirates, Riveiro o ile a kgethwa ho kwetlisa sehlopha sa Carling All Starsmoo a hapile dipapadi tse pedi tseo dikwetlwisitseng.
Papading ya pele o hlotse Stellenbosch ka 2 – 1 le ho hlola Magesi FC ka 3 – 0. Sehleng sena sehlopha sa Riveiro sa mehleng setla bapala ho makgaolakgang kgahlano le Marumo Gallants kala 06 Tshitwe lebaleng la Peter Mokaba.
