
Mohau Nkota o kwatisa batshehetsi ba Orlando Pirates
Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates Mohau Nkota, seka lehlakoreng le sele la batshehetsi ba sehlopha sa hae sa mehleng.
Sena ka mora hore sebapadi se bonwe se apere sekipa sa Kaizer Chiefs seo e bileng mpho ho tswa ho motswalle wa hae Mfundo Vilakazi ya bapallang Chiefs.
Nkota ya bapallang Al-Ettihad ya Saudi Arabia, o bonwe a fihla bokwetlisong a kgabile ka mebala ya Chiefs mme seo hasa fihla hantle batshehetsing ba Pirates.
Le ha hole jwalo, Nkota o kile a bua phatlalatsa hore o hotse a latela Chiefs ka lebaka la ntate wa hae le ha e latela Pirates eo a tsebahetseng ka yona.
Setshwantsho sena se bakile ditaba dihana ho fela moo batshehetsi ba Pirates basa kgotsofalang le ho hlalosa ha Nkota a batswile ka tlase ka ho apara mebala ya Chiefs.
Nkota ha qale ho apara mebala ya sehlopha se seng jwalo ka ha a ile a fihla a apere sekipa sa PSG neng a apere sa Marshall Munetsi sa Wolves.
Maikutlo a fapane ka sena moo ba bang ba batho ba dumelang hose phose ya letho hobane o se a bapalla sehlopha se seng empa ba bang ba dumela ha e le phoso jwalo ka ha e le sebapadi sa Pirates sa mehleng.
Potso ya rona ho wena:
Wena o bona phoso ka se etsweng ke Nkota kapa o dumela ha batshehetsi ba Pirates ba e hlwesa thaba e hlotsa?
BALA HAPE: Nkota o kgutlela ka lebaleng ho thusa Al-Ettifaq ho hlola papadi
