
Seaparo sa Chiefs sa sehla setlang se fihla mahlong a batshehetse
Seaparo (kit) ya sehlopha sa Kaizer Chiefs sa sehleng setlang e fihla le ho bonwa ke batshehetsi ba sehlopha.
Moetso o motjha wa dikipa tseo Chiefs e tla disebediswa, o phatlaladitswe semmuso ke sehlopha bakeng sa batshehetsi ho qala ho beheletsa.
Chiefs e qetileng e dutse boemong ba boraro, e kgutliseditse metako ya dilemong tsa 90’s seaparong sa bona ho bontsha maikemisetso a bona a ho lwanela mehope.

Tebello ke hore sehlopha setla kgakola mebala ena semmuso ka pela batshehetsi ho tse ding tsa dibapadi tsa setswalle tseo batla dibapala pele sehla se thakgoha.
Sehlopha setla leba Spain bakeng sa ho itukisetsa sehla mme batla thulana le dihlopha tse matla hotswa dinaheng tse fapaneng ho kenyeletsa Saudi le Spain.
