Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mohope wa Nedbank o etsa nalane e so bonwe

Dipapadi tsa selemo sena tsa mohope wa Nedbank [Mohope wa Ditoro], ketse tla hopolwa dilemo le dilengwana tse tlang.

Sena ka mora hore dihlopha tse hlaloswang e le tse kgolo, dirahelwe kantle mokgahlelong e qalang ya dipapadi le ho rahwa ke dihlopha tse nyatsehang.

Diketsahalo tsena kaofela dietsahetse ka nako eo boholo ba batho boneng bosa lebella kapa ho nahana dika etsahala.

Dihlopha tse sentseng ha jwale tseo e leng tsona tse tla bapala dipapadi tse tlang pele ho makgaolakgang [semi-finals] ke dihlopha tse tswang profenseng tse pedi fela.

Hona dihlopheng tseo tse nne, tse pedi tsa tsona dibapala ho Betway Premiership ha tse pedi dibapala ho Motsepe Foundation Championship.

Milford FC le Casric Stars, ke tsona tse tswang ho Motsepe Foundation, ha Durban City le TS Galaxy e le tsa Betway.

Dihlopha tsena dihlotse dihlopha tse jwalo ka AmaZulu, Sekhukhune, Orlando Pirates le Kaizer Chiefs nakong e fitileng.

Milford le Durban City, ditla emela profense ya KZN ha Casric le TS Galaxy ditla emela profense ya Mpumalanga.

Ka bobedi Milford le Casric, dikwetliswa ke badula ditulo ba tsona, Dr. Xanti Pupuma le Joseph ‘Bucs’ Mthombeni.

Tsona dihlopha tsena, di ntweng ya dihlopha tse hodimo tse tsekang ho nyolohela ho Betway sehleng setlang.

Ha lotho e etswa, kgonahalo e kgolo ya ho bona dihlopha tse pedi tsa profense tse pedi dithulane kapa dihlopha tse pedi tse tswang ho Motsepe Foundation dithulana dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang.

Lotho e tla etswa kajeno [09 Hlakubele] hara mmpa ya motsheare.

BALA HAPE: Dihlopha tsa Motsepe Foundation dimakatsa tsa Betway Premiership