
Chiefs le McCarthy ba kena selekaneng se setjha sa ditumellano
Sehlopha sa Kaizer Chiefs se kene selekaneng se setjha le sebabadi sa bona sa ntshetso pele Aden McCarthy ka tumellano e ntlafaditsweng.
Ho ya ka Lorenz Kohler wa Idiski Times, Chiefs le McCarthy ba kene tumellanong ya dilemo tse pedi le monyetla wa ho ntshetsa pele [option to extend].
Sebapadi sena sa lebota la morao tse se seng sa dipapding tsa moraorao tsa ntshetso pele ya sehlopha ho fumana monyetla sehlopheng se seholo mme o bonahala a amohetse monyetla oo ka diatla tse pele.
Le ha mathwasong a sehla a ile a qala hantle, McCarthy o ile a tswa kotsi le ho dula kantle nakwana mme a kgutla le ho tswelapele ho bapala karolo ya bohlokwa sehlopheng.
Chiefs e tlamella sebapadi sena dibukeng tsa bona ka selekane se setjha ka nako eo ho utlwahalang dihlopha tsa mose ho mawatle, haholo-holo Belgium dibontshitse kgahleho ho lekejakenane lena le le lelele la sebapadi sa mehleng sa Chiefs.
BALA HAPE:Sebapadi sa Chiefs se bua ka leeto la sona ka nako ya dikotsi
