
Golden Arrows e fumana kotlo ho tswa ho FIFA
Sehlopha sa Golden Arrows se otlowe ka kotlo ya ho se tekene dibapadi bakeng sa thekiso tse tharo kaofela.
Arrows, o fuwe kotlo ka mora ho hlolwa ke ho lefa sebapadi sa bona sa mehleng Knox Mutizwa eo ha jwale a leng sehlopheng sa Richards Bay.
Kotlo ena e hlalosa hore Arrows e ke ke ya kgona ho ngodisa dibapadi tsa matjhabatjhaba kapa tsa kwano lapeng ha fela ba so lefe Mutizwa tjhelete ya hae.
Arrows, ke sehlopha sa moraorao sa PSL ho fumana kotlo ka mora hore TS Galaxy e lokise taba tsa yona le ho kgona ho tekena dibapadi.
Dihlopha tse bapalang ho Motsepe Foundation Championship le tsona dibile le mathata a tekeno ya dibapadi ka lebaka la kotlo.
Sehlopha se jwalo ka Black Leopards, se bapetse e nngwe papadi tsa bona ka dibapadi tse haellang le ho kopa hore dipapadi tse ding difanyehwe nakwana empa ba kgutla le ho lokisa mathata a bona.
“Ntlheng ena, re tsibisa maloko hore kotlo ya ho tekenwa ha dibapadi tsa matjhabatjhaba le lapeng, ho kentswe tshebetsong ke FIFA kgahlano le Golden Arrows,” ke lengolo la FIFA leo.
Mutizwa, e bile se seng sa dibapadi tsa mantlha sehlopha sa Arrows. Letswallwa lena la Zimbabwe, le bapetse dipapadi tse 231 mme a hlaba dintlha tse 63 le ho thusetsa dintlheng tse 23.
BALA HAPE: Arrows e kgaqisitse Gallants moriana wa bona
