
Cardoso ka ASFAR: Ke sehlopha se maemong a hodimo jwalo ka Sundowns
Ka mora ho tshela sehlopha sa hae sa mehleng thupa levho fetela ho makgaolakgang a boraro a CAF Champions League ka tatellano, Miguel Cardoso o hlalositse ha ASFAR e se sehlopha se ka kgellwang fatshe.
Sundowns e tla thulana le ASFAR papading ya makgaolakgang a selemong sena ka mora ho hlola Esperance Sportive de Tunis ka palo-hare ya 2 – 0 ka mora maoto a mabedi.
Cardoso o hlalositse ASFAR e le sehlopha sa boemo bo hodimo seo basa lokelang ho se fella fatshe.
“O bone tsela eo ASFAR e bapalang ka yona? Hase sehlopha se lokelang go kgellwa fatshe,” ho realo Cardoso.
“Dihlopha tsena dimaemong a Mamelodi Sundowns le Esperance. Ba imatlafaditse hantle mme bana le dihlopha tse matla mme re lokela ho hlompha papadi eo.
“Motho ya nahang hore e tlaba papadi e bobebe o fositse. Ke bona ha e tlaba papadi e boima ho feta e tlileng pele ho yona [semi-final].”
Sundowns e tla kena papading ya makgaolakgang lekgetlo la bobedi ka tatellano e leng nalane sehlopheng.
Sehleng se fitileng sehlopha se hlotswe ke Pyramids FC ya Egypt mme lekgetlong lena sehlopha setla batla ho iphethetsa ka e sa hlabang le ho ngola nalane ka tsela e fapaneng.
BALA HAPE: Beaumelle o dumela batla hlolela Sundowns lapeng jwalo ka Al Ahly
