Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwena o bua leqeba la nako ya hae ho Pirates

Mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates Rhulani Mokwena, o buile ka ketsahalo e bohloko ka ho fitisisa papading ya bolo e kileng ya moetsahalla jwalo ka mokwetlisi.

Mokwena o buile ka ketsahalo ya ka nako eo e neng e le mokwetlisi wa Orlando Pirates moo a ileng a etswa mokwetlisi mme ka mora dipapadi tse mmalwa a theolelwa tlase (redeployed to assistant coach).

Taba ena ha ya fella mona ka ha Mokwena o ile a kadingwa sehlopha sa Chippa United, e leng se sokang se bonwa papading ya bolo moo mokwetlisi a kadingwang sehlopha se seng.

Puisanong le lesedinyana la Algeria, mokwetlisi enwa wa MC Alger o hlalositse diketsahalo tsena e le tse bileng thata ka ho fitisisa.

“Pirates e nkile qeto ka mora dipapadi tse 13, ka nako eo ntse kele mokwetlisi hore ba hloka mokwetlisi ya fapaneng,” ho realo Mokwena.

“Ha ke bue ka sena haholo, e ne e le nako e bohloko ka ho fitisisa leetong la ka la bokwetlisi ho theoha ho Pirates.”

Mokwena o hlalositse ha modulasetulo wa sehlopha a ne a batla a dule empa tsohle tse etsahetseng dibile bohloko ho yena.

“Le ha Irvin Khoza a ne a batla ke dule, tse etsahetseng dinkutlwisitse bohloko haholo. Ka nako eo, se ke neng ke se batla ka nako eo ke hoba lebaleng ke fumane thabo papading hape.”

Mokwetlisi enwa ya iketseditseng lebitso ka hare le kantle ho naha, o hlalositse ha seo a neng a se batla ka nako eo, e ne e le ho kwetlisa ho sa tsotelehe sehlopha.

Ha jwale Mokwena o kwetlisa se seng sa dihlopha tse kgolo ka hara kontinente le Algeria mme o se a tswa ho kwetlisa le sehlopheng sa Wydad Casablanca.

BALA HAPE: Rhulani Mokwena o hlolwa papading ya pula madiboho