Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Stellenbosch se makaditse Orbit metsotsong ya ho qetela

Sehlopha sa Stellenbosch FC, se makaditse sehlopha sa Orbit College ka ho ba hlola ka 2 – 1 papading bapalletseng lebaleng la Olympia, Rustenburg.

Orbit, e nkile ketapele ya papadi metsotsong ya moletsaphala pele papadi e ya kgefutsong ka Mbulelo Wagaba ya fumaneng bolo ho tswa ho Monnapule Saleng (assist).

Papadi e kgutlile kgefutsong Stellenbosch ntse se tsomana le ntlha ya ho lekanya empa Orbit, e ne e na le merero e meng.

Dihlopha bobedi ditswetse pele ho kalana matla mme Stellenbosch sa bapala ka dibapadi tse haellang ka mora hore Thabo Moloisane a bontshwe dikarete tse pedi tse tshehla (second bookable offense) metsotso e leshome pele papadi e fela.

Stellenbosch se tsomane le ntlha le ha dikere dine dihaella bakuti mme motsotsong wa 88 ke ha Thato Khiba a hlaba ntlha ho lekanya dintlha (1 – 1).

Metsotsong ya ho qetela ya papading e bile e le metsotsong e neng e senyehile, Athenkosi Mcaba, o hlabile ntlha ya hae ya pele boemong bo phahameng e le ha a hlolela Stellenbosch papadi (2 – 1).

Stellies, se hapile papading ya bobedi ka tatellano metsotsong ya ho qetela ka mora ho hlola AS Otoho dipapading tsa CAF Confederation Cup.

Ka moqebelo Stellies se tla kena leetong ho leba Tanzania moo batla kopana le Singida Black Stars e le papadi ya bobedi ya CAF.

Papadi ena, e tla bapala ka sontaha ka hora ya botshelela thapama (18:00).

BALA HAPE: Stellenbosch se hapa papadi metsotsong ya ho qetela