
Motaung Jr o babatsa mesebetsi ya Hugo Broos
Motsamaisi wa dipapadi (Sporting Director) sehlopheng sa Kaizer Chiefs Kaizer Motaung Jr, o o buile a sa lobe letho ka seabo sa mokwetlisi wa naha ka hara Afrika Boroa.
Motaung Jr, o babaditse seabo sa mokwetlisi Hugo Broos ka ho fetola sebopeho sa papadi ya bolo sehlopheng sa naha le ho thusa naha ho leba mehope e meholo lefatsheng.
Broos, o thusitse sehlopha sa naha Bafana Bafana ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe o tla tshwarwa selemo setlang dinaheng tse kopaneng tsa America, Canada le Brazil.
A boela a thusa sehlopha ho hapa metale wa Bronze dipapading tse fitileng tsa AFCON, mme o tla leba hape le sehlopha mohopeng wa AFCON o tla thakgoha kgwedi e tlang.
“Re motlotlo ka mosebetsi wa Hugo Broos. Ho leba ho AFCON le mohopeng wa lefatshe ke mosebetsi o matla mme o sebeditse ka bokgabane,” ho realo Motaung.
Motaung o buile sena le ha boholo ba dibapadi tsa Kaizer Chiefs, disa dule dibitsetswa sehlopheng sa naha le mantswe a bohale ao Broos a nang le ho a lebisa ho Chiefs.
“Hlakoreng la rona re lokela ho etsa bonnete ba hore dibapadi ditsepamisa maikutlo le ho sebetsa hantle dihlopheng, seo setla fana ka qete ya tse tla etsahala boemong ba naha.”
Ha jwale Chiefs e na le dibapadi tse nne tse bitseditsweng sehlopheng sa naha [preliminary] le ha palo eo e tla fokotswa ho isa ho 23 kapa 27.
Sethibathibane Brandon Petersen, dibapadi tsa morao Thabiso Monyane, Bradley Gross le sebapadi sa mmpeng ya lebala se hlasela Mduduzi Shabalala, ke bona dibapadi tsa Chiefs sehlopheng sa Broos.
BALA HAPE Chiefs e fetola letsatsi le sebaka sa papadi kgahlano le Zamalek
