
Broos o hlalositse qeto ya ho tlohela dibapadi tse tharo lapeng
Ka mora ho nka qeto ya ho tlohela dibapadi tse tharo lapeng, mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos, o hlalositse mabaka a hae ka qeto ena le ha a ne a na le monyetla wa ho tsamaya le tsona.
Broos, o ile a tsibisa sehlopha seo a tla leba le sona Morroco mme a kenyeletsa dibapadi tse tharo tseo a ditlohetseng lapeng (standby) e bang a ka ba le mathata ka dibapadi tseo a nang le tsona.
Mduduzi Shabalala wa Kaizer Chiefs, Iqraam Rayners wa Mamelodi Sundowns le Thabo Moloisane wa Stellenbosch, haba tsamaya le sehlopha ho leba Morocco empa ba ka bitsetswa sehlopheng ebang ho kaba le mathata ka dibapadi tse itseng.
Broos, o hlalositse ha a ne a sa batle hoba le palo e hodimo ya dibapadi kampong ya boikwetliso letsatsi le letsatsi.
“Ha keya batla ho banka le hoba le dibapadi tse 28 kampong ya bokwetliso letsatsi le letsatsi hobane seo se thatafatsa mosebetsi wa ka,” ho realo Broos.
Dibapadi tsena e kile ya ba karolo ya sehlopha sa naha mme Broos o sebeditse le bona le ho tseba ka moo ba bapalla ka teng.
“Ke ba kopile ho sala lapeng mme hare tshepe hore hare bahloke hobane seo setla hlalosa hore rena le bothata. Ka lehlakoreng le leng, tshepo e teng bakeng sa bona ho fumana monyetla le ho leba Morroco.”
Afrika Boroa, e fihlile naheng ya Morocco ka labone mme ba kopane le dibapadi tse pedi (Lyle Foster le Sphephelo Sithole) ba fihletseng Morroco ka kotloloho.
Sehlopha setla qala boikwetliso ba papadi ya pele eo batla e bapala kgahlano le naha ya Angola ka mantaha.
BALA HAPE: Radebe o dumela ho sehlopha setla emela naha naheng ya Morroco
