Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Da Cruz ka Mosimane: O lokela ho fuwa nako

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o ntshitse maikutlo ka mokwetlisi ya motjha wa Bafana Bafana Pitso Mosimane.

Da Cruz, o hlalositse ha Mosimane a lokela ho fuwa nako le tshehetso ho etsa mosebetsi wa hae.

“Ke nahana Bafana Bafana ke sehlopha se hlwahlwa Afrika,” ho realo Da Cruz.

“Hona jwale bana le mokwetlisi ya motjha, re hloka ho mofa nako. Le dipapadi tse fitileng ba bapetse hantle,”

Bafana Bafana ba bapetse dipapadi tse tharo tlasa Mosimane mme ba dihapile ka boraro ba tsona mme Cruz o hlalositse ha ba bapetse papadi e tswileng matsoho.

“Kene ke shebile dipapadi mme ke thabetse tsela eo ba bapetseng ka yona. Empa re lokela ho mofa nako hobane o leka ho aha sehlopha se setjha.”

Dipapadi tse latelang tsa sehlopha sa naha ditla bapala kgwedi e tlang kgahlano le naha ya Kenya lapeng le hole le lapeng.

BALA: Moloisane o ikemiseditse ho lwanela sebaka sa hae sehlopheng sa naha