Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o bua ka maikutlo a balatedi ba sehlopha

Mokwetlisi wa ya tlasa ditshehollo wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o buile ka lerata le etswang ke batshehetsi ba sehlopha ka tshebetso ya hae.

Sundowns e hlotswe ke Al Hilal Omdurman mafelo a beke a fitileng ka 2 – 1 mme seo se kwatisitse ba bang ba batshehetsi ba sehlopha ho feta pele.

Ha arabela kgalefong ena, Cardoso o hlalosi ha etse hloko kgalefo ya batshehetsi ha sehlopha se hlolwa mme a ananela tsela eo botsamaisi bo sebetsang ka taba ena.

“Ha sehlopha se hlolwa hoba le lerata le le ngata la batshehetsi ba batlang mokwetlisi a tsamaye,” ho realo Cardoso.

“Empa ke ntho e ntle hore rena le batho ba utlwisisang ka hara sehlopha, mme re lokela ho hlompha tse fitileng le tsa ha jwale.”

Kgatello ho letswallwa lena la Portugal, e tota letsatsi le letsatsi ha sehlopha se hlolwa ke ho hlaba ntlha kapa ho hlola papadi.

Sundowns, e dutse boemong ba bobedi ho CAF Champions League, sehlotshwaneng sa C ka mora Al Hilal mme e ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership ka dintlha tse 32 le ha e lekana le Orlando Pirates empa e le pele ka papadi.

Papading ya bona e lateng ke moo batla thulana le Gomora FC mohopeng wa Nedbank Cup ka laboraro la 04 Hlakola.

Papadi ena etla bapalla lebaleng la Loftus ka 19:00. Papadi e latelang eo e tlaba ya kontinenteng kgahlano le Saint Eloi Lupopo ka la 08 Hlakola.

BALA HAPE: Sundowns Chiefs le Stellenbosch ditlasa kgatello dipapading tsa kontinente