
Mokwetlisi wa Nigeria o re Afrika Boroa e matla
Ka mora papadi e fedileng maleka a 1 – 1 dipakeng tsa Afrika Boroa le Nigeria, mokwetlisi wa Nigeria Eric Chelle o itse Afrika Boroa ke sehlopha se matla, haholo ba bale lapeng.
Chelle o hlalositse ha sehlopha sa hae se lekile tsohle ho ka hapa papadi empa ho ne hose bobe jwalo ka ha bane bankane le sehlopha se tshika di thata.
“Re lekele, sehlopha sa ka se lekile empa hone ho se bobebe. Re fane ka tsohle empa ho padile,” ho realo Chelle.
Mokwetlisi enwa wa Nigeria e bapalang ka dibapadi tse bapalang mose ho mawatle, o babaditse masene le matjato a dibapadi tsa Afrika Boroa.
“Dibapadi tsa mapheyong dimatjato, le bahlabadintlha ba bona ba tshwara bolo le ho ema dibakeng tse kotsi. Ke hlalositse hore ha ho tloba bonolo ho hapa kwano Afrika Boroa.”
Nigeria e theohetse boemong ba boraro ka mora hore Bernin e patlotse Lesotho ka ntlha tse nne ho noto (4 – 0) papading e ileng ya sitiseha ka lebaka la mabone a lebala.
Bernin, e fokoditse sekgeo dipakeng tsa yona le Afrika Boroa le ho theolela Nigeria tlasa. Afrika Boroa e ntse e dutse ka hodimo ka dintlha tse 17, Bernin e bobeding ka dintlha tse 14 mme Nigeria e borarong ka dintlha 11.
Nigeria ena le monyetla o monyane haholo wa ho ya mohopeng wa lefatshe wa lefatshe ka kotloloho. Hore Nigeria e fete, e tla hloka bobedi Afrika Boroa le Bernin di lahlehelwa ke dipapadi mme yona e dihape ka bobedi.
BALA HAPE: afrika-boroa-le-nigeria-di-arolelana-ntlha
