Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Afrika Boroa le Nigeria di arolelana ntlha

Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se bapetse maleka a 1 – 1 e le naha ya Nigeria papading e neng e le matla ya ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe.

Afrika Boroa, e ne e amohetse Nigeria lebaleng la Toyota, Bloemfontein moo dinaha tsena di tshabaneng bophatswa le ho arolelana ntlha.

Papadi ena, e bile papadi ya dikarolo tse pedi jwalo ka ha Afrika Boroa e ne e hlasele karolong ya pele le ho kenya Nigeria tlasa kgatello.Ntlha ya Bafana Bafana, e kene ka mokaptene wa Nigeria Troost Ekong moo a itlhabileng ka lerumo ka mora motsamayo o motle ka Mohau Nkota.

Ntlha ya Nigeria e kene hona karolong ya pele ya papadi ebile e bonahala e ka ke ntlha a keneng ka letsoho e seng hlooho jwalo ka ha ho bonahetse.

Ho bapala maleka ha Afrika Boroa ho hlalosa hore batla lokela ho hapa dipapadi tse setseng hore ba hape sehlopha sa C le ho ya mohopeng wa lefatshe ka kotloloho.

Afrika Boroa, e ntse e dutse ka hodimo sehlopheng sa C ka dintlha tse 17 ka mora dipapadi tse robedi (8) ka dipapadi tse pedi tse setseng.

Sebapadi sa Afrika Boroa Mbekezeli Mbokazi, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora papadi e tswileng matsoho eo a ntseng a tswelapele ho e bapala.

Papading tse lateng tsa ho phunyeletsa, Afrika Boroa e tla bapala le Zimbabwe kala 8 Mphalane le naha ya Rwanda ka la 11 Mphalane. Dipapadi tseo bobedi ditla bapalwa kwano Afrika le ha e ngwe e se papadi ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: khumalo-o-babatsa-bokgoni-ba-dibapadi-pele-ho-papadi