
Broos o re papadi e bapetse hoya ka tebello
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o re papadi e bapetse jwalo ka ha a ne a lebelletse hore o tlaba ka teng moo Nigeria e sebedisitseng matla.
Afrika Boroa e bapetse maleka a 1 – 1 le naha ya Nigeria dipapading tsa ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe lebaleng la Toyota, Bloemfontein ka labobedi bosiu.
Broos o hlalositse ha a ne a tseba hore dibapadi tsa Nigeria ditla sebedisa matla le mmele ya bona e moholo ho ba thusa ho hapa papadi.
“Ho bonahetse hore e ne e le papadi ya sehlopha se batlang ho bapala bolo le sehlopha se tlileng ho sebedisa matla.”
“Re bapatse hantle karolong ya pele ya papadi mme ba leka ho kgutla le ho hlaba ntlha eo ke dumelang ha e otlile letsoho,” ho realo Broos.
Le ha hole jwalo Broos o theoleditse dibapadi tsa hae ka ho se dumelle Nigeria ho ba kenya tlasa kgatello.
“Ha o sheba Nigeria e bapala ka dibapadi tse bapalang mose ho mawatle ha rona re bapala ka tsa kwano lapeng empa hone hose phapang.”
Broos ya bonahetseng a tlelwa ke pososelo ha a bua ka Mbokazi, o hlalositse ha Mbokazi e le sebapadi se hlwahlwa.
“Sheba lekejakejane le Mbokazi! Mbokazi o lokela ho ya mose ho mawatle. O dilemo di 19 empa o bapala jwalo ka motho wa boiphihlelo ba dilemo tse leshome.”
Mbokazi o se a bapetse dipapadi tse tharo le sehlopha se seholo sa naha mme o se a ikgapetse le kgau ya sebapadi sa letsatsi.
Afrika e hloka dintlha tse tharo ho fetela mohopeng wa lefatshe le ho hlola sehlopha sa C. Papadi ya bona e latelang, e kgahlano le Zimbabwe ka la 8 Mphalane.
BALA HAPE: afrika-boroa-le-nigeria-di-arolelana-ntlha
