
Mokwetlisi wa Pirates o babatsa Arthur Zwane
Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o babaditse mokwetlisi wa AmaZulu ka mora papadi e bileng matla bosiung ba laboraro.
Pirates, e bapetse maleka a 1 – 1 le AmaZulu le ha Pirates e bile le menyetla e leshongwa ho nka ketapele ya papadi.
Ouaddou, o hlalositse ha Zwane e le mokwetlisi ya hlwahlwa le sehlopha sa hae setlo tshwarisa batho mmaphele ka sekotlo.
BALA: Makejakejane a Chiefs a kgutlisetsa sehlopha boemong ba pele
“Hake bone dihlopha ditla hapa dipapadi kgahlano le bona kwano. Ke buile mathwasong hore AmaZulu ke sehlopha se matla,” ho realo Ouaddou.
“Ke sehlopha se nang le dibapadi tse hlwahlwa le mokwetlisi ya hlwahlwa.”
Ouaddou o buile a sa lobe letho hore Zwane me mokwetlisi ya masene bakwetlising ba teng Africa.
“Ke mokwetlisi eo ke moutlwisisang, ke moananela haholo hobane ke motho ya ikobileng.”
BALA: Usuthu e hanela batshireletsi ba sekola ka dintlha tse tharo
