Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mayo o hlaba ntlha ka papadi ya pele

Setlabotjha sehlopheng sa Kaizer Chiefs Khanyisa Mayo, o hlaba ntlha ka papadi ya hae ya pele sehlopheng jwalo ka ha sehlopha se bapala maleka a 1 – 1 le Marumo Gallants.

Chiefs e ne e amohetse Gallants lebaleng la FNB e le papadi ya bosupa ya sehlopha sehleng sena. Mayo, o qadile le papadi lekgetlo la pele ka mora hore a tekenwe ke Chiefs ho tswa ho CR Belouizdad.

Sebapadi sena sa mehleng sa Cape Town City ee fumane ntlha ya sona metsotsong e 39 karolong ya pele ya papadi le ho fa Amakhosi ketapele.

Mayo, ke sebapadi sa bobedi sa Chiefs sehleng sena ho hlaba ntlha ka papadi ya hae ya pele ka mora Flavio Silva ya seng a hlabile tse pedi ka mora papadi tse pedi.

BALA HAPE: Kaizer Chiefs e tekena mmapala-pele Khanyisa Mayo

Chiefs e fumana monyetla wa atolosa ketapele ka mora ho fumana thaho ya mokoko empa ba hlolwa ke ho e beha ka hare.

Gallants e fumane ntlha e lekanyang motsotsong wa 75 ka Jaisen Glifford ya keng a hlaha bankeng.

Sehlopha sena se se bapetse maleka dipapading tse nne ka tatellano ha Chiefs e hlotswe ke ho hapa dipapading tse tharo tsa ho qetela ho kenyeletsa papadi ya CAF Confederation.

Ka moqebelo Chiefs e amohetse Kabuscorp leotong la bobedi la papadi ya CAF. Kabuscorp e tsamaya pele ka ntlha e lengwe ka mora ho hlola leoto la pele.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la FNB ka hora ya boraro 15:00 motsheare.

BALA HAPE: Chiefs e netefaditse ho leba ha dibapadi ho Siwelele