
Chiefs e tsibisa bakwetlisi ba yona ka bokamoso ba bona sehlopheng
Sehlopha sa Kaizer Chief se qala ho itukisetsa sehla setlang ka mora ho qeta boemong ba boraro ka mora Orlando Pirates e hapileng sehla le Mamelodi Sundowns.
Ho ya ka mehlodi e tshepahalang, Chiefs e tsibisitse bakwetlisi ba neng ba tshwere sehleng se fitileng hore sehlopha se ke ke sa ntjhafatsa ditumellano tse fihlang pheletsong kgweding e tlang.
Chiefs e boetse ya tsibisa le Majdi Safi ya kwetlisang ho kwena [fitness coach] hore le yena ba ke ke ba ntjhafatsa botho ba hae.
Ketso ena hae makatse jwalo ka Sporting Director sa sehlopha Kaizer Motaung Jr, o ile a hlalosa ha sehlopha setla sebetsa ka mokwetlisi a le mong papisong le ba babedi jwalo ka ha Cedric Kaze le Khalil Ben Youssef bane ba sebetsa.
Sena se hlalosa ha sehlopha se kanna sa arohana le bobedi bona ka mora sehla fele ba tshwere marapo.
Bobedi Ben Youssef le Kaze, ba kene dieteng tsa Nasreddine Nabi eo baneng ba sebetsa jwalo ka batlatsi ba hae pele sehlopha se monyaola.
Mokwetlisi wa dithibathibane Ilyes Mzoughi, o tlatswa a sale sehlopheng le ha tsa bokamoso ba hae disa tsitsa kapa ho tsebahala ka kotloloho.
Qeto ena e boetse e bontsha ha sehlopha se sa kgofalla tshebetso bobedi bona ka mora ho hlolwa ke ho fihlela boemo ba bobedi boo sehlopha bo neng bo sebatla.
Ha jwale ho utlwahale menyenyetsi ya hore mokwetlisi wa Golden Arrows Manqoba Mngqithi, a batlwa ke sehlopha le ha hose tlaleho e seng e etswe ke sehlopha kapa kampo ya Mngqithi.
Chiefs e tla bapala dipapadi tsa kontinente sehleng setlang le hoba tlasa kgatello e kgolo ka mora ho qeta sehla se fitileng sa dibapadi ba sa latswa mohope.
BALA: McKenzie o halefiswa ke kopo ya mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns
