Bolo ya maoto

Phakamani Mahlambi o ditekong ho Durban City

Sebapadi sa mehleng sa Al Ahly le Mamelodi Sundowns, Phakamani Mahlambi o ditekong sehlopheng sa Durban City ka tumelo ya ho fumana monyena.

Mahlambi ya kileng a bapala tlasa Gavin Hunt ho Bidvest Wits le Chippa United o qetetse ho bonwa leking e kgolo ka selemo sa 2021.

Mahlambi ke sebapadi sa pele sa Afrika Boroa ho bapala Egypt sehlopheng Al Ahly.

O ile a kgutla Egypt ka mora sehla a lo bapalla Mamelodi Sundowns mme ka mora moo a leba ho Chippa ka kadimo.

Lekgetlo la ho qetela Mahlambi a bapala, o ile a tswa kotsi e ileng ya mobeya kantle nako e lelele.

Mahlambi o se a kile a hapa leki le Hunt sehlopheng sa Wits le mohope wa MTN8, a ba a hapa kgau ya sebapadi se senyane sa selemo ha a tla leba Egypt ka 2017.

Hunt, o hlalositse ha yena a tla fa Mahlambi monyetla mme tsohle dile matsohong a Mahlambi ho fetola maemo.

“Nkase motsose, ke yena a ka itsosang,” ho realo Hunt.

“Nna nka mofa monyetla fela. O jwalo ka sebapadi se seng le se seng. ho tla tswa ho yena hore o nka monyetla.”

Hunt ke e mong wa bakwetlisi ba neng ba dumela haholo ho Mahlambi le ho dumela a ka fihla maemong a jwalo ka a bo Benni McCarthy.

BALA HAPE: miguel-cardoso-o-bua-ka-ribeiro-le-mudau