
Broos o tla tsibisa lenane la ho qetela la dibapadi Union Building
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o lebeletswe ho phatlalatsa dibapadi tseo a tla leba le tsona mohopeng wa lefatshe bosiung ba kajeno.
Tebello e kgolo e tlaba ho bona hore Broos o tla siya mang dithibathibaneng jwalo ka ha a kgethile dithibathibane tse nne ho Preliminary empa a ka kgona ho tsamaya le dithibathibane tse tharo fela.
Leboteng la morao le teng Broos o tla lokela ho etsa qeto e matla ya ho hlwaya bonyane dibapadi tse pedi tse tla sala lapeng.
Mpeng ya teng kgonahalo e kgolo ya hore mokwetlisi a side dibapadi tse tharo kapa tse pedi palong e teng ha jwale ya tshelela.
E nngwe ya dintho tse tla shejwa ka mahlo a makgubedu ke hore Broos o siya mang ho bahlabadintlha dipakeng tsa Iqraam Rayners, Evidence Makgopa le Lyle Foster.
BALA: Sundowns e tla leboha dibapadi ka moputso wa CAF kaofela
Mohopeng o fitileng wa AFCON Broos o ne a sile Rayners lapeng e le sebapadi se tla leba ha ho kaba le kotsi le ha sebapadi sena sene se hlaba dintlha lenyelenyele.
Taba ya Thapelo Morena ya bapalang hohle ka lebaleng le yona ke e nngwe e tla hlaka ha Broos a tsibisa sehlopha.
Morena o ile a tswa kotsi ha Sundowns ne e bapala le Kaizer Chiefs le ha e saba kotsi e kalo mme tebello ke ho bona hore Broos o tla tsamaya le yena kapa tjhe.
Tsibiso ena e ikgethang e tla etsetswa Union Building moo mopresidente wa naha a tlabe a le teng. Sehlopha setla phatlalatswa ka 19:00 bosiu.
BALA: Mokwetlisi wa Pirates o batla mohope wa Champions League
