
Mokwetlisi wa Pirates o hlalosa taba ya Mbatha le Makgopa
Mokwetlisi wa sehlopha sa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ho sebe teng ha dibapadi tsa mantlha tsa sehlopha moo ba hlotsweng ka moqebelo.
Pirates e hlotswe thahong ya mekoko ka mora ho lelekisa papadi le ho hlaba dintlha tse tharo ho lekanya dintlha.
Sehlopha se bapetse ntle le dibapadi tsa bona tse pedi tseo ho dumelwang dikabe dibile le seabo se seholo ho latela tsela eo St Eloi Lupopo e neng e bapala ka yona.
Mbatha, ke se seng sa dibapadi tse bapetseng karolo e kgolo sehleng se fitileng ka ho rahela dipalong ha sehlopha se bapala le dihlopha tse dulang ka mekwallong.
Ouaddou o hlalositse ha ebile qeto ya bokwetlisi ho se sebedisi Makgopa ka moqebelo.
“E bile qeto ya tshebediso ya maqheka le ho fetola mawa hore Makgopa a se bapale. Re bapala mehope e mengata mme ho molemo ho etsa bonnete ba hore dibapadi kaofela dimalala a laotswe.”
Pirates e fihlileng dipapading tse tlsng pele ho makgaolakgang (semi-finals) sehleng se fitileng, ke sona fela sehlopha sa Afrika Boroa se tswileng dipapading tsa CAF ntle le ho fihla dipapading tsa mekgahlelo.
‘The Buccaneers’ batla fetola mpshane le ho tsepamisa maikutlo a bona dipapading tsa Betway le Carling Knockout.
