
Afrika Boroa e tla thulana le sehlopha sa Broos sa mehleng
Ka mora dipapadi tsa ho qetela tsa dihlotshwana, lotho ya dihlopha tse 16 e tswileng mme dihlopha diya tseba hore ditla kopana le ho bapala jwang hoya fihla ho makgaolakgang.
Sehlopha sa naha ya Afrika Boroa, setla thulana le naha ya Cameroon eo le yona e tswileng boemong ba bobedi sehlotswaneng sa bona.
Cameroon e hapile papadi kgahlano le Mozambique (2 – 1) empa batshireletsi ba sekola Ivory Coast, ba hapile papadi kgahlano le Gabon ho nka boemo ba pele.
Papadi ena e tlaba e nngwe e matla haholo jwalo ka ha Cameroon e qetetse ho hapa mohope ona tlasa bokwetlisi ba Hugo Broos, eo ha jwale a kwetlisa Bafana Bafana.
Afrika Boroa, e tla leba motsemoholo Rabat moo batla bapalla dibapadi tsa bona ho tloha ha jwale ho ya pele e bang ba ka tswelapele le tlhodisano.
Papadi ena e tla bapala ka sontaha sa la 04 Pherekgong lebalang la Al-Barid mme e tla thakgoha ka 21:00 ka nako ya Afrika Boroa.

E bang Afrika Boroa e ka hlola Cameroon, e tla kopana le naha ya Tanzania kapa Morroco eo e leng e nngwe ya dithatohatsi sdlemong sena.
Lekgetlo la ho qetela Afrika Boroa e thulane le Morroco, Afrika Boroa e hlotse paladi ka 2 – 0 ho ntsha Morocco mokgahlelong wa tse 16.
BALA HAPE: Afrika Boroa e hlola Zimbabwe ho fetela mokgahlelong o lateng
