Ditaba tsa moraoraoKrikete

Di’Proteas dikokomala se maratswana nakwana

Sehlopha sa basadi papading ya krikete, dinka boemo ba pele dipapading tsa mohope wa lefatshe ka mora ho tlontlolla naha ya Pakistan.

Afrika Boroa, e hlotse Pakistan ka mematho e 150 ho latetswe molawana wa ho kgaolwa ha papadi (DLS method).

Tlholo ena ke ya Afrika Boroa ya bohlano ka tatellano ebile e le sehlopha sa pele ho etsa jwalo dipapading tsena.

Di’Proteas le Pakistan, dibapetse papadi e kgaotsweng ka lebaka la pula empa seo, ha ya eba bothata ho Afrika Boroa.

Laura Wolvaardt (90) o kene a le mafofotha ho aha lebota pele a ketolwa a haelwa ke leshome a be a etsa lekgolo.

Sune Luus (61), Marizanne Kapp (68*) le Nadine De Klerk (41) le bona ba kene ba baba ho thatafaletsa Pakistan mosebetsi le ho etsa mematho e 319 ho tswile dibapadi tse 9 (319/9).

Afrika Boroa, e fotohile le ka bolo jwalo ka ha Kapp (3) le Nondumiso Shangase (2) ba ketotse dibapadi tse hlano ka kopanelo.

Sehlopha se ke papading ena se tseba hore se fetetseng dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-finals) mme ha jwale ba emetse ho tseba hore batla thulana le sehlopha se fe.

Papadi e latelang e bile e le ya ho qetela ya tafole e tlaba kgahlano le sehlopha se so hlolwe sa Australia.

Papadi ena e tla bapala ka moqebelo wa la 25 Mphalane ka 11:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa mme yona e tla bapalla lebaleng la Holkar la krikete.

BALA HAPE: Di’Proteas dikgwathisa naha ya Sri Lanka