Bolo ya maoto

Modise o hlalosa maikemisetso a dihlopha ka Sundowns

Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates Teko Modise, o re sehleng sena dihlopha di morerong wa ho hlola Sundowns.

Modise o hlalositse ha boitukisong ba sehla, dihlopha dine di itukisetsa ho hlola Sundowns, e seng ha kalo ho hapa bompudi ba sehla.

Modise, o buile tsena tsohle lesedinyaneng la Sundowns la ‘Pitchside Podcast’.

“Ho tswa lehlakoreng la Sundowns, ba direng ba raha, ba bapala ka sekgahla le matla, ho realo Modise”

Sundowns e se e bapetse le Pirates le Chiefs sehleng sena mme e palletswe ke ho hlola dipapadi tseo le ha e ne ele papadi tsa mohope le leki (Betway).

“Sheba papadi ya MTN8, ho ne ho rahwa. O kgutle o shebe ya FNB (Chiefs vs Sundowns) le teng ho ne ho rahwa. O lokela ho utlwisisa hore tsena tsohle ke hobane ba hlompha sehlopha.”

Modise o hlalositse ha Sundowns e lokelang ho sebetsa sena ka tsela e fapaneng.

“Jwalo ka ha dihlopha di itukisetsa ho hlola wena e seng sehla, o lokela ho utlwisisa sena le ho amohela hore o moholo hobane o fetola le tsela eo ba ihlophisang ka yona.”

Sundowns e qadile sehla ka monyebe papisong le dihla tse fitileng moo e fetang mohalotse dihlopheng ha sehla se qala.

Sundowns e tla nkana le Stellenbosch papading ya Betway Premiership kajeno lebaleng la Danie Craven. Papadi ena e tla thakgoha ka hora ya boraro thapama.

BALA HAPE: miguel-cardoso-o-re-ba-aha-sehlopha-botjha