
Mokwetlisi wa Raja Athletic o ntshitse maikutlo ka taba ya Lorch le Broos
Mokwetlisi wa sehlopha sa Raja Casablanca Fadlu Davids, o ntshitse maikutlo ka boemo ba sebapadi sa Wydad Casablanca Thembinkosi Lorch le le mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos.
Davids, o ne a buisana le mokgatlo wa baqolotsi ba papadi ya bolo SAFJA ka marangrang moo a tshwaetseng ka ntlha ya Lorch le Broos.
Lorch o ntse a bapala hantle sehlopheng sa hae sa Wydad mme Davids o dumela ha e le sebapadi sa bohlokwa empa ha a kena sehlopheng sa naha setla leba Morocco.
Davids, o hlalositse ha Lorch e le sebapadi se hlwahlwa le ho tlisa boleng sehlopheng sa Wydad empa le qeto ya Broos e lokela ho ananelwa.
“Boholo ba dibolo tsa tlhaselo ya Wydad difeta ho Lorch mme ke sebapadi se ka o hapelang papadi ka ho sebedisa bohlale,” ho realo Davids.
“Ka ho le leng re lokela ho tshehetsa mokwetlisi Broos le sehlopha sa naha. Ke bomadimabe ho Lorch ho bapala ka bokgabane kantle ho naha empa o be o sa ananelwe jwalo ka ha o bapalla Chiefs, Pirates kapa Sundowns.”
Taba ya Lorch le Broos ke pale e tswelang pele jwalo ka ha Broos a emeng mantsweng a hae le ho se kgethe Lorch le ha Themba Zwane e se karolo ya sehlopha.
Davids o tswelapele ka ho hlalosa ha Lorch a babatswa naheng ya Morroco mme le qeto tsa Broos dilokelwa ho ananelwa.
Mokwetlisi enwa wa mehleng wa Simba le Maritzburg United, o kgutletse ho Raja ha lekgetlo la pele a hapile mehope jwalo la motlatsa mokwetlisi Josep Zinnbauer pele a tla leba Tanzania.
BALA HAPE: Broos o ntsha maikutlo ka ho leba ha Mbokazi America
