Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Pirates le Durban City di kenya leoto ha Sundowns le Chiefs di kena tlasa kgatello

Dihlopha tse pedi tsa tse nne tsa Afrika Borwa, dikenya leoto dipapading tsa group stages ho CAF Champions League le Confederation Cup ka ho fapana.

Orlando Pirates, e hlotse African Stars ka 1 – 0 papading e bapalletseng naheng ya Botswana ha Durban City e hlotse ASPL 2000 ka 3 – 1 papading e bapalletseng Moses Mabhida.

Ka bobedi dihlopha tsena di dutse monyetleng wa ho fetela mokgahlelong o latelang wa group stages ho CAF Champions League le ho CAF Confederation Cup ka ho fapana.

Ka lehlakoreng le leng, Kaizer Chiefs e tlasa kgatello ka mora ho lahlehelwa ka 1 – 0 kgahlano le Red Arrows ya Zambia mohopeng wa CAF Confederation Cup.

Mamelodi Sundowns eo e leng batshireletsi ba CAF Champions League, ba bapetse maleka a 0 – 0 le Wiliete ya Angola.

Chiefs le Sundowns, ditla kena leetong la bobedi ka kgatello ya ho hapa ho fetela pele le ha kgatello e matla e tlaba ho Chiefs e tla lokela ho hapa ka dintlha tse ngata.

CAFCL:
🇳🇦 African Stars 0-1 🇿🇦 Orlando Pirates
🇦🇴 Wiliete FC 0-0 🇿🇦 Mamelodi Sundowns

CAFCC:
🇿🇲 Red Arrows 1-0 🇿🇦 Kaizer Chiefs
🇿🇦 Durban City 3-1 🇲🇺 AS Port

BALA: Mokwetlisi wa Pirates o leboha tshwaro e mofuthu ya Botswana