Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e atolosa nako ya Morena ka selemo sehlopheng

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se nkile qeto ya ho atolosa nako ya sebapadi sa bona sa bohlokwa ka selemo ka mora ho fihla pheletsong ha tumellano ya sethathong.

Sundowns, e atolositse nako ya Thapelo Morena eo e leng mokokotlo le sebapadi se nang le nako e lelele ka ho fitisisa sehlopheng.

Morena ya bapalang hohle ka lebaleng o fihlile Chloorkop a tswa Bloemfontein moo a e ketseditseng lebitso ka mora hore Sundowns e hape bompudi ba kontinente ka 2016.

BALA: Stellies se kokotela Chiefs ho botsa ka Ashley Du Preez

Sebapadi sena ke se seng se hapileng mehope e mengata le Sundowns mme o haufi haholo le ho fihlela dipapadi tse 350 le Sundowns.

Le ha a le bohlokwa ho Sundowns le sehlopheng sa naha, sebapadi sena se hlokile lehlohonolo la ho leba le sehlopha mohope wa AFCON le mohopeng wa lefatshe ka lebaka la kotsi tse sa fele.

Morena e ne e le karolo ya sehlopha sa sethathong [Preliminary squad] empa a hlolwa ke ho tsamaya le sehlopha ka lebaka la kotsi eo bongaka bo lekileng ho lwana le yona.

BALA: Mokwetlisi wa Pirates o lla ka mokgathala