
UDM e hlahletse tletlebo ho SAHRC ka mokwetlisi Broos
Mokgatlo wa dipolotiki wa United Democratic Movement (UDM), o lebisitse mokwetlisi wa sehlopha sa naha ho commission ya ditokelo tsa botho South African Human Rights Commission (HRC).
Mokgatlo ona o nganga ka hore mantswe a mokwetlisi Hugo Broos ka Mbekezeli Mbokazi le moemedi wa hae Basie Michaels a tletse lehloyo.
Broos ya neng a sa thaba ka mora hore Mbokazi a fihle boikwetlisong ba sehlopha sa naha ka morao ho nako le ha a ne a fuwe nako ya phomolo, o ile a bontsha ho se thabele seo le ho hlalosa ha a tla bua le Mbokazi mme o tlatswa a fetohile lebala ka mora puisano ya bona.
Broos ya buang maikutlo a hantle ntle le ho pata, o ile a tswaela le ka qeto ya moemedi wa Mbokazi ya ho lebisa sebapadi sena se dilemo di 20 naheng ya America pele ho AFCON le mohope wa lefatshe.
Letswallwa lena la Belgium, le ile la hlalosa ha mohato oo e se mohato o motle bakeng sa sebapa se tlase dilemong ho leba America eo boholo ba nako ho bapala batho ba seng bale baholo le hoba haufi le ho tlohela bolo.
Lengolong la yona la tletlebo, UDM e hlalositse ha mantswe a Broos a hore Michaels ke ngwanana ya nahana a tseba bolo a ka bontsha nyenyefatso ho moemedi enwa wa dibapadi.
Letona la dipapadi Gayton McKenzie, le yena o tshwaetse ka ho hlalosa a tla emela ho utlwa tlhakisetsa ya SAFA pele a ka fana ka maikutlo a hae.
BALA HAPE: Broos o ntsha maikutlo ka ho leba ha Mbokazi America
