Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Barker a ka thabela papadi kgahlano le Chiefs ho CAF

Mokwetlisi wa sehlopha sa Stellenbosch FC Steve Barker, o hlalositse ha a ka thabela papadi kgahlano le sehlopha sa Kaizer Chiefs dipapading tsa CAF Confederation.

Chiefs le Stellenbosch, ke tsona dihlopha tse emetseng Afrika Boroa sehleng ho Confed mme kgonahalo e teng ya hore bobedi dibe sehlopheng se le seng.

Barker o hlalositse ha tlhodisano ena e le diphepetso ka lebaka la ho dula bale tseleng le ho leka ho bapala dipapadi tse tlang dile ngata ka nako e nyane.

“E diphepetso ka ho dula o le tseleng, haholo ha o tseba boemo ba rona jwale nka sebe le bothata ho tobala le bona [Kaizer Chiefs] sehlopheng sa rona hobane re tla tsamaya ha nyane,” ho realo Barker.

E bang Chiefs e ka kopana le Stellenbosch, sena se bolela hore dihlopha ka bobedi ditla bapala dipapadi tse pedi ka hara naha le ha e nngwe ya tsona etlana moo ba etileng ka ho fapana.

CAF, e tla tshwara lotho ya Champions League le Confederation Cup ka la tharo [3 Pudungwane] toropong ya Johannesburg, Afrika Boroa.

Barker o phethetse ka ho hlalosa ha a tla leka ho fetola dibapadi hore didule dile mahlahahlaha bakeng sa dipapadi tsa mehope e fapaneng.

Hosane [29 Mphalane] thapama, Stellenbosch setla nkana le Marumo Gallants papading ya Carling Knockout.

Papadi ena e tla bapalla lebaleng la Dr Rantlai Molemela, Bloemfontein mme yona e tla thakgoha ka hora ya bosupa (19:00) thapama.

BALA HAPE: Stellenbosch se tswelapele ho ingolla nalane