
Mosimane o hlalosa lebaka la ho kgetha Ramoreboli ho ba motlatsi wa hae
Mokwetlisi wa Bafana Bafana Pitso Mosimane, o hlalositse qeto ya ho sebetsa le Morena Ramoreboli jwalo ka motlatsi wa hae.
Mosimane, o hlalositse ha Ramoreboli e se motho ya motjha tshebetsong ya Bafana Bafana jwalo ka ha a ile a kwetlisa Bafana Bafana nako e fitileng.
“Ke dumela hore le batla le motseba,” ho realo Mosimane.
“O sebeditse le sehlopha sa Under-17 moo a neng a thusana le Vela Khumalo, a boela a hapa COSAFA le sehlopha se seholo sa naha.”
Mosimane o bontshitse ha Ramoreboli e le mokwetlisi ya nang le boiphihlelo le botho ka mora ho tlohela mosebetsi wa ho kwetlisa naha ya Botswana hotlo sebetsa jwalo ka motlatsa mokwetlisi.
“Ke mokwetlisi ya nang le boiphihlelo ya tlohetseng mosebetsi wa ho kwetlisa Botswana ho tlo thusana le rona. Ke botho ntho eo.”
Le ha kgato ena e bonahala e le ho theoha, Mosimane o e hlalositse e le ho phahama tshebetsong.
Mosimane ke hona a tla hlwaya mokwetlisi wa dithibathibane eo a ke keng a sebetsa moshwelella [permanent] le moifo wa bokwetlisi.
Sehlopha se lebelletswe ho kena kampong bekeng e tlang pele ho dipapadi tse tharo ka nako ya kgefutso ya FIFA.
BALA: Tshebetso ya Mofokeng e mongola dibukeng tsa nalane Europe
