Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o ntshitse maikutlo ka mora papadi

Mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos o bontshitse le ho hlalosa Thabo ya hae ka mora ho thusa Afrika Boroa ho phunyeletsa mohopeng wa lefatshe o tla tshwarwa selemo se tlang ka kopanelo ke Canada, Mexico le USA.

Bafana Bafana ba bureditse le ho mamola Rwanda ka ntlha tse tharo ho etsa bonnete ba hore naha ya batho ba fetang 60 million e ba karolo ya nalane e tla etsahala selemo setlang.

“Ke ntho e kgolo, mohope wa lefatshe (World Cup) ke ntho e kgolo o kase o bapisi le eng kapa eng, dibapadi le bakwetlisi ba lora hoba moo kaofela,” ho realo Broos ka mora papadi.

Broos o satswa hapa metale wa Bronze le Afrika Boroa dipapadi tsa AFCON mme a phunyeletsa ho tse tla bapala ka Tshitwe.

Mokwetlisi enwa ya nang le boiphihlelo o dumela ha ho phunyeletsa hotla thusa naha le dibapadi ho lwana ka matla le ho etsa bonnete ba ho bonwa mafatsheng.

“Ka 2010 Afrika Boroa e ne e amohetse baeti, hana jwale ke bahapi ba metale wa Bronze wa AFCON, re leba le America. A nao bona boleng ba papadi ya bolo ka hara Afrika Boroa.”

Letswallwa lena la Belgium, e ba mokwetlisi wa pele wa ho lebisa Bafana Bafana mohopeng wa lefatshe haesale 2002 mme ka selemo seo bane ba kwetliswa ke Jomo Sono.

Ka 2010, Afrika Boroa ha ya phunyeletsa empa ebile karolo ka lebaka la ho amohela baeti ba bile ba etsa nalane ka hoba naha ya pele Afrika ho tshwara mohope wa lefatshe.

Broos o phethahaditse tshepiso tsa hae jwalo ka ha a ile a hlalosa ha a tla thusa sehlopha ho ya mohopeng wa lefatshe mme batla qala Morroco ka Tshitwe mohopeng wa AFCON.

BALA HAPE: