Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Matebele FC ya Letsholonyane e hula ka tlhako tsa morao

Matebele FC e kwetliswang ke Reneilwe Letsholonyane, e hlotswe hapa ka moqebelo ka ntlha tse pedi ho e le nngwe (2 – 1) ke NICO United e bapalwang ke Mokhele Moloisane.

Letsholonyane, o nkile marapo a ho kwetlisa Matebele ha sehla se qala mme ho bonahana dintho disa tsamaeye hantle lehlakoreng la hae.

Ha jwale sehlopha se se se bapetse dipapadi tse 11 kaofela mme ba hapile tse pedi, ba bapala maleka ho tse pedi mme ba hlolwa ho tse supileng.

Ka kakaretso sehlopha se kgonne fela ho bokeletsa dintlha tse 8, ba hlabile dintlha tse 14 mme ba hlajwa tse 19.

Sebapadi sena sa Kaizer Chiefs sa mehleng, o sebeditse le sehlopha sa naha sa ntshetso pele (under 20) pele a ka leba Botswana ho sebetsa jwalo ka mokwetlisi wa sehlooho.

‘Yeye’, ha se yena fela letswallwa la Afrika Boroa le kwetlisang naheng ya Botswana jwalo ka ha Owen Da Gama a kwetlisa sehlopha sa eo le wena e hulang ka tlhaki tsa morao.

Mokwetlisi wa naha ya Botswana Morena Ramoreboli, le yena ke Mo’Afrika Boroa mme o se a kile a kwetliswa le ho hapa mehope le sehlopha sa Jwaneng Galaxy.

BALA HAPE: Pirates e fetela ho makgaolakgang a Carling Knockout