
Mosimane o qala leeto la bobedi la bokwetlisi ka tlholo
Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se hlotse naha Guinea ka 2 – 1 papading ya pele ya ho leka uo phunyeletsa mohopeng wa AFCON.
Afrika Borwa, e ne e amohetse Guinea lebaleng la Orlando Amstel Arena thapameng ya moqebelo e bile e le papadi ya pele ya mokwetlisi Pitso Mosimane le moifo wa hae.
Dintlha tsa Bafana Bafana, dikene dikarolonh tse pedi tsa papadi ka Ime Okon karolong ya pele le Samkele Kabini ya keneng a tswa bankeng.
Tlholo ena e beha sehlopha ka hodimo sehlotshwaneng sa D ka dintlha tse tharo mme ke bona fela ba hapileng papadi sehlotshwaneng sena.
Kamohelo Sebelebele, e bile yena sebapadi se ipabotseng ka makgabane [Player of the Match] ka tshehetse ya 10Bet.
Tlholo ena e boetse e thakgola leeto la Mosimane la bobedi jwalo ka mokwetlisi wa naha ka noto e hodimo tekong ya ho phahamisa maemo a sehlopha.
Sehlopha setla kena leetong moo setla tobana le Eritrea e bapetseng maleka a 1 – 1 le Kenya pele ho papadi ya setswalle kgahlano le Egypt.
