Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Bafana Bafana o batla ho hapa mohope

Mokwetlisi ya motjha wa Bafana Bafana Pitso Mosimane, o hlalositse ha ana le tabatabelo ya ho hapa mohope ka sehlopha sa naha.

Mosimane, o buile sena sebokeng sa boraditaba dihora pele ho papadi ya ho phunyeletsa mohopeng wa AFCON [AFCON Qualifiers].

Re hloka ho hapa mohope, hareso hape letho ka nako e lelele. Ha kere ketla o hapa empa ke batla ho o hapa,” ho realo Mosimane.

Lekgetlo la go qetela Bafana Bafana ba hapa mohope ke ka 2021 e le mohope wa COSAFA tlasa bokwetlisi ba Morena Ramoreboli eo e leng motlatsa mokwetlisi.

Lekgetlo la pele e bile e le la ho qetela sehlopha se hapa mohope wa AFCON, ke ka 1996 ka nako eo e neng e le baamohedi ba baeti.

Mosimane o hlalositse ha le dibapadi dibonahala dibatla ho hapa mohope.

“Ke nahana le dibapadi dibatla ho hapa mohope. E bang resa hape mohope, re batla eng kwano.”

“Sena ke tabatabelo eo re batlang ho e fihlela dilemong tse hlano, ho hapa mohope.”

Leeto la Mosimane le qala kajeno kgahlano le naha ya Guinea ka 15:00 thapama lebaleng la Orlando Amstel Arena.

BALA: