
Hobaneng papadi ya Pirates le Orbit e le kgolo dihlopheng ka bobedi?
Mafelong a beke tangtang e tla kgangwa ke lerole ha ho tlabe ho sena ngwane’motle papading e dipakeng tsa Orlando Pirates e batlang ho hapa sehla le Orbit College e batlang ho tshireletsa maemo a yona ho Betway Premiership.
Bobedi dihlopha tsena dina le lebaka le leholo le diqobellang ho lwana kgakgaulane molamu wa hlooho ho hapa papadi e tlaba mahlonoko ho batshehetsi, bokwetlisi le dihlopha ka kakaretso.
Pirates e hloka dintlha tse tharo ho dula ka hodimo tafoleng ya dihlopha le ho hapa mohope wa sehla ka mora dilemo tse 14 sehlopha se kgakgathwa ke lenyora la mohope ona.
Ho bapala maleka kapa ho lahlehelwa, ho tla fitisa Pirates ka monyetla le ho fa Mamelodi Sundowns mohope wa borobong ka tatellano.
BALA: Arteta o qeta lenyora la Arsenal la mohope wa EPL
Ka lehlakoreng le leng, Orbit e tlamehile maoto le matsoho ho hlola papadi ena ho tshireletsa boemo ba bona ho Betway sehleng setlang sa dipapadi.
Orbit ena le selemo fela e le ho Betway mme ho bonahala e tla menahana le mehlala ho kgutlela ho Motsepe Foundation Championship kapa ho bapala playoff e bang e sa hlole papadi.
Bobedi dihlopha tsena dina le setswalle sa dilemo moo Pirates e kadimaneng ka dibapadi tsa yona ho Orbit mme ka moqebelo dibadi tseo, e ke ke yaba karolo ya sehlopha sa Orbit setla tobana le Pirates ka lebaka la ditumellano tsa kadimo.
Papadi ena e tlaba e nngwe ya tse kgolo haholo jwalo ka ha sehla se fihla pheletseng mme sehlopha setla latswa tlholo ya letsatsi leo, setla keteka phihlello e kgo ya sehla.
Dihlopha tsena di-kopane ha nngwe fela sehleng sena moo Orbit e neng e etetse Orlando ha Pirates e tla ba hlola ka 1 – 0.
