Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mphahlele o beha meja fatshe ka mora dilemo tse 20 papading

Sebapadi sa mehleng sa Mamelodi Sundowns le Kaizer Chiefs Ramahlwe Mphahlele, o tsibisitse ha a beya meja fatshe papading ya bolo.

Mphahlele o bapetse boemong bo phahameng [professional] bakeng sa dilemo tse 20 mme papadi ya hae ya pele e bile ka 2006/07 ha Swallows e ne e hlola Orlando Pirates ka 1 – 0.

Sebapadi sena se nyolohile le ho emela naha dihlopheng tse fapaneng ho tloha ho U17 ho fihlela sehlopheng se seholo sa Bafana Bafana.

Mphahlele, e boetse yaba karolo ya sehlopha sa Sundowns se hapileng mehope e fapaneng ho kenyeletsa CAF Champions League ka 2016.

BALA: Mokwetlisi wa Pirates o babatsa Arthur Zwane

Mphahlele eo moraong tjena a neng a bapalla Orbit College, o hlalositse ha a sa hloke sehlopha empa a beya meja fatshe papading.

“Ke qetile ho bapala bolo ya maoto. Hake batle sehlopha. Ke nkile qeto ya ho beha meja fatshe ka mora dilemo tse 20 kaofela,” ho realo Mphahlele.

Mphahlele o bapalletse dihlopha tse ding tse jwalo ka AmaZulu le Orbit College mme e bile mokaptene dihlopheng tsohle tseo a fitileng ho tsona.

BALA: Toro ya Banyana Banyana ya mohope wa lefatshe e tswelapele