
PSL e tla ka maqheka ho laola sephethephethe Mbombela
Mokgatlo o tsamaisang bolo ka hara Afrika Boroa Premier Soccer League (PSL) e hlalositse e tla kenya mekgwa e meng ho thusa ho laola sephethephethe lebaleng la Mbombela.
Mbombela, e tla tshwara papadi ya makgaolakgang dipakeng tsa Orlando Pirates le Stellenbosch FC mafelong ana a beke mme engwe ya ditlhoba boroko ke sephethephethe.
Lebala lena le profenseng ya Mpumalanga le tsejwa ka hoba le tshubuhlelano ka dipapadi tsa makgaolakgang mme lekgetlong lena PSL e re ke tlile ka maqeka a ho qoba seo.
Mokgatlo ona o hlalositse ha hotla bulwa mahlakore a mahlano a ho emisa makoloi haufi le lebala.
“Ditshebeletso tsena ke mahala ho batho ba rekileng ditekete tsa ho paka mme mahlakore a tla bulwa dihora pele ho papadi ho qoba tshubuhlelano.”
“Ho tlaba le moo ho behwang dikoloi mme ho palangwe dibese ho ya lebaleng ebe ka mora papadi batho ba kgutlisetswa dikoloing tsa bona ka polokeho.”
Lekgetlo la ho qetela lebala lena le tshwere papadi ya makgaolakgang, ho ile hwa hlaya ditlaleho tse ngata tsa hose kgotsofale ha balatedi ka mora ho ema dihora-hora pele ba ka kena le ho tswa ka hara lebala.
Pirates e tlabe e bapala makgaolakgang a bone ka tatellano, e tla amohela Stellenbosch jwalo ka sehlopha sa lapeng ka moqebelo wa la 13 Lwetse mohopeng wa MTN8. Papadi ena etla thakgoha ka 18:00 thapama.
BALA HAPE: ouaddou-o-re-o-kgotsofetse-ke-palo-ya-dibapadi-sehlopheng
