
Cedric Kaze o re ba lokela ho ikokobetsa e le sehlopha
Mokwetlisi (co-coach) wa Kaizer Chiefs Cedric Kaze, o hlalositse ha ba sa lokela ho fetwa ke hlooho ka mora tlholo tsa bona tse pedi ho Betway Premiership.
Chiefs e hlotse dipapadi tse pedi ka tatelano ho Betway, mme seo se thabisitse balatedi le ho beha sehlopha boemong ba bobedi ka mora Mamelodi Sundowns.
Amakhosi, e hlotse Durban City ka ntlha ho noto (1 – 0), ba kgutla ba hlola Orbit College ka ntlha tse nne ho e le nngwe (4 – 1).
Kaze, o entse thapedi hore hose qhanehwe kariki ka pele dipere, ka ha leeto le sale lelelele bakeng sa sehlopha.
“Seo re se hlokang kaofela ha rona ke ho ikoba re ikokobetse. Re hloka hoba le botho,” ho realo Kaze.
“Re ntse re hloka ho sebetsa ka thata ho fihla moo re habileng. Ke bone kwano [Afrika Boroa] hore o hapa papadi e le nngwe, o fetoha modimo wa bolo.”
“Empa ha o bapala maleka kapa o lahlehelwa, o bitswa ka mabitso [plumber] o hle a teng.”
Chiefs, e bonahalang e tsohile molot haholo papisong le sehla se fitileng ka nako ena.
Kaze o hlalositse ha batla bua le dibapadi ho ikoba le ho ikokobetsa mme ba tsepamise maikutlo.
“Re lokela ho bua ka thata le dibapadi. Re hloka hoba le botho mme re sebetse ka thata, sehla se sale hole le ho fela mme morero wa rona ke hoba le botsitso.”
Papadi e lateng ya Chiefs e tlaba ya tlhodisano ya CAF Confederation kgahlano le Al Masry ya Egypt ka la 23 Pudungwane.
Bala tse ding ka Kaizer Chiefs:
