
Orbit College e latswa tlholo ya bobedi
Sehlopha sa Orbit College se latswitse tlholo ya bobedi sehleng sena ka mora ho hlola sehlopha sa Polokwane City ka ntlha e le nngwe ho noto.
Orbit e ne e amohetse City lebaleng la Olympia Park toropong ya Rustenburg ha batla ba thekgetsa ka ntlha ya Mbulelo Wagaba e keng karolo ya bobedi ya papadi.
Sehlopha sena sa North West, se bonahala ntse se tsoha molota ka mora ho qala ho bapalla dipapadi tsa bona lapeng ka mora ho qala sehla ba bapalla lebaleng la Dobsonville mmo ba lahlehetswe ke dipapadi haholo.
Orbit, e se e bapetse dipapadi tse pedi ka tatelano lebaleng la Olympia mme ha baso hlolwa jwalo ka ha ba bapetse maleka le Marumo Gallants (1 – 1) le ho hlola Polokwane City (1 – 0).
BALA HAPE: Golden Arrows e tlabola Mamelodi Sundowns
Dipapading tse robedi tseo Orbit e seng e dibapetse, e hapile tse pedi, ya bapala maleka ho e le nngwe mme ya lahlehelwa ke tse hlano.
Ka selataneng ba bokeleditse dintlha tse 7 mme ba dutse boemong ba 12 tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.
Ka moqebelo sehlopha sena setla etela Golden Arrows lebaleng la Sugar Ray Xulu. Papadi ena e tla thakgoha ka hora ya boraro motsheare [15:00].
BALA HAPE: Orbit College e lebisa papadi kgahlano le Gallants lapeng
