Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e etsa boipiletso ho batshehetsi ba sehlopha

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se etsa boipiletso ho batshehetsi ba sehlopha ho iponahatsa ka bongata ka moqebelo.

Chiefs, e lahlehetse ke papadi kgahlano le Stellenbosch bosiu ba labobedi mme batla thulana le Orlando Pirates ka moqebelo.

Molaetseng o ngotsweng ho marangrang, Chiefs e hlalositse ha e utlwisisa bohloko ba batshehetsi le ho dumela ha dintho ditla tsamaya hantle.

BALA HAPE: Chiefs e hlolwa ke ho tshwarella ho fumana dintlha tse tharo

“E bile papadi e thata ka labobedi, mme re arolelana bohloko ba ho fumana tahlehelo ya rona ya bobedi sehleng sena kamora dipapadi tse 16. Leha ho le jwalo, leeto le ntse le tswela pele, mme jwale maikutlo a lebiswe papading e kgolo – Soweto Derby,” ho realo Chiefs.

“Ha re itokisetsa papadi ena e bontshang boikgantsho le tjantjello ya rona, re tshwanetse ho itsoha, re eme mmoho, mme re tshehetse sehlopha ka matla ha se itokisetsa ho ipusetsa seriti Moqebelo ona o tlang.”

“Let’s rise together. Fight together. Let’s remember that we are Amakhosi. We are about Love & Peace!”

Tebello ke hore lebala la FNB, letla phophoma balatedi ka mora hore ditekete tsa papadi direkiswe kaofela dihora dile thekisong.

Dihlopha tsena ditla kopana lekgetlo la pele ka mora hore bobedi difetolo bakwetlisi.

BALA HAPE: Zwane: Qetellong retla fihlella sepheo sa rona