
Ben Youssef o re batla thabisa batshehetsi ka moqebelo
Ka mora ho bapala maleka le Marumo Gallants (1 – 1), mokwetlisi wa nakwana wa Kaizer Chiefs Khalil Ben Youssef, o hlalositse ha ba bapetse hantle empa ba hlokile lehlohonolo.
Ben Youssef, o hlaheletse ha sehlopha se laotse papadi boholo ba nako empa ba sa hlaba dintlha.
“Rene re lokela ho hapa, re laotse papadi metsotso e 90 mme ba direng ba sena monyetla wa ho hlaba ntlha. Monyetlae bile ho raha bale hole mme ba bile lehlohonolo ba fumana ntlha.”
Mokwetlisi enwa wa nakwana o babaditse bokgoni ba Gallants le hore ke sehlopha se fetohileng papisong le sehla se fitile.
BALA HAPE: Ndlondlo o re Marumo Gallants e na le bokgoni
“Ke sehlopha se matla se nang le dibapadi tse hlwahlwa ka hare mme le mmapalo wa bona sehleng sena ke o fetohile papiso le sehla se fitileng.”
Chiefs e tla kena papading ya mohope wa CAF Confederation Cup mafelong a beke mme Ben Youssef o hlalositse ha e le papadi ya bohlokwa.
“Ke papadi ya bohlokwa ka moqebelo ho rona mme re lokela ho nahana. Re kopa tshwarelo ho batshehetsi ka papadi ya kajeno empa ke dumela ha re tla ba thabisa ka moqebelo.”
Chiefs e tla kena papading ena e lelekisa ka mora ho hlolwa ka ntlha ho noto leotong la pele naheng ya Angola. Papadi ena e tla bapalla lebaleng la FNB ka hora ya boraro motsheare (15:00).
BALA HAPE: Mayo o hlaba ntlha ka papadi ya pele
