Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Orlando Pirates e bontsha maikemisetso mahlakore ho fapana

Sehlopha se phepetsang bommpudi ba sehla sa Orlando Pirates, se bontsha maikemisetso ka mahlakore ohle.

Sena ka mora hore batshehetsi ba qete ditekete tsa dipapadi tseo sehlopha setla kena ho tsona kgweding ena.

Pirates, ke sona sehlopha se bonahetseng se tsheheditswe ka ho fetisisa sehleng sena hase bapalla lapeng le ha se bapalla hole le hae moo batshehetsi batlang ka bongata.

Boholo ba dipapadi tseo Pirates e dibapallang lapeng direkisa ditekete kaofela ho sa kgethe letsatsi kapa maemo a lehodimo.

Tshehetso ena, e tla ka nako eo sehlopha se bonahalang se ikemiseditse ho lwana kgakgaulane ho hapa mohope wa Betway Premiership.

Pejana kala 31 Hlakubele ho netefaditswe ha ditekete tsa leoto la bobedi la papadi ya Soweto Derby direkisitswe kaofela. Ditekete tsena difedile pele ho dihora tse 24 dile thekisong.

Lebala le leng letla tlala ha Pirates e eta ke la uMhlathuzi ha sehlopha se etela Richards Bay ka la 10 Mmesa. Lebala lena le le nka batho ba 10500 mme etlaba le leng le ngolang nalane ya Pirates ya ho tlatsa mabala.

Pirates e tlabe e sa qale ho tlatsa lebla e etile ka mora ho tlatsa lebala la King Zwelithini.

Mmapalo o motle wa Pirates, ke le leng la mabak a kgothatsang batshehetsi ba sehlopha ho bontsha tshehetso le ha sehlopha se bapalla hole le lapeng.

BALA HAPE: Ntlha ya Mbokazi kgahlano le Panama e tswelapele ho dula melomong