
Orlando Pirates e tshireletsa mohope le ho etsa nalane
Sehlopha sa Orlando Pirates se tshireleditse mohope wa sona wa MTN8 ka mora ho hlola Stellenbosch FC ka ntlha tse tharo ho noto (3 – 0) lebaleng la Mbombela.
Pirates, e hapile papadi nakong e ekeditsweng ka mora hore dihlopha bobedi dihlolwe ke ho hlaba ntlha metsotsong e 90 ya papadi.
Dintlha tsa Pirates dikene ka Tshepang Moremi ya hlabileng dintlha tse pedi le Tshogofatso Mabasa. Bobedi dibapadi tsena dikene ditswa bakeng mme ba tlile ka diphetoho tse hloletseng Pirates papadi.
Pirates, e kene papading ena ka tebello ya ho hapa MTN8 lekgetlo la bone ka tatellano ka mora ho hlola Stellenbosch selemo se fitileng.
Mokwetlisi Abdeslam Ouaddou, e ba mokwetlisi wa bobedi wa Pirates ho hapa mohope ona ka sehla sa hae sa pele ka mora hore Jose Riveiro a o hlole ka sehle sa 2022/2023.
Buccaneers e fokoditse sekgeo dipakeng tsa bona le Kaizer Chiefs e ntse e dihula pele ka ho hapa mohope ona makgetlo a 15 ha Pirates yona e se e hapile makgetlo a 14.
Tshepang Moremi ya fetotseng papadi, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho hlaba ditlha tse pedi le ho thusetsa ntlheng e hlabuweng ke Tshogofatso Mabasa.
Pirates, e tswelapele ka nalane ya bona mohopeng ona, ka mora hoba sehlopha sa pele ho o hapa makgetlo a mararo mme jwale ba o hapile lekgetlo la bone.
Dintlha tsa Pirates tse tharo tse keneng nakong e ekeditsweng, le tsona dietsa nalane jwalo ka ha hosena sehlophe se seng se hlabile ditlha tse tharo papading ya mohope ona.
BALA HAPE: psl-e-tla-ka-maqeka-ho-laola-sephethephethe-mbombela
