
Di’Proteas dibutse letoto la T20 ka tlholo
Sehlopha sa naha sa di’Proteas tsa banna, dibutse letoto la dipapadi tse tharo tsa T20 ka tlholo kgahlano le Pakistan.
Afrika Boroa, e hlotse Pakistan ka mematho e 55 ho ikgapela papadi ya pele ya tse tharo tseo batlang ho dibapadi.
Pakistan, e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele athi ba kgwathile notsi tsa semana.
Molahlehi Quinton De Kock (23), Reeza Hendricks (60) le setlabotjha ho T20 Tony de Zorzi (33) ba ahetse Afrika Boroa lebota le ho bokeletsa le sa sele.
Dewald Brevis (9), Donavan Ferreira (10) le George Linde (36), ba kene ditaba dile mafekefeke mme ba leka ho lwana le ha basa dula kgabong (bowled out fast).
Afrika Boroa e entse mematho e 194 ho tswile dibapadi tse 9 ka overa tse 20. Makenong a bobedi, Afrika Boroa haya batla ho utlwa letho la Pakistan.
Lungi Ngidi (1), Lizaad Williams (2), George Linde (3) le Corbin Bosch (4), ba ikabile ka dibapadi tsa Pakistan le ho etsa bonnete ba hore haba fihle ho 194.
Pakistan e tswile kaofela e dutse ho 139 mme seo safa Afrika Boroa tlholo le ketapele ya papadi ya pele ho tse tharo (1 – 0).
Dihlopha tsena ditla thulana hape ka labohlano le moqebelo papading ya bobedi le ya boraro.
Dipapadi tsena ka bobedi ditla qala ka hora ya bohlano [17:00] ka nako ya kwano lapeng lebaleng ya Gadafi.
