Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ouaddou o re batla lwana kgakgaulane ho fihla pheletsong

Mokwetlisi wa Orlando Pirates Abdeslam Ouaddou, o hlalositse ha batla lwana kgakgaulane molamo wa hlooho e bang ho hlokahala.

Ouaddou o buile sena ka mora hore sehlopha sa hae se hlole sehlopha seo a reng ke baphepetsi ba bileng boima ka ho fitisisa sehleng sena.

“Papadi e boima hape, papadi e boima.!!! Nka bolela hore ho nna dihlopha tse neng di tsitsitseng haholo tseo re ileng ra tobana le tsona sehleng sena ke Richards Bay le Siwelele, ho realo Ouaddou.

Pirates e hlotse Richards Bay ka 2 – 0 ho inkela dintlha tse tharo le ho kgutlela boemo ba pele tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.

Ouaddou o hlalositse ha e nngwe ya diteko tsa hoba mmapudi e le ho feta kapa ho bapala le dihlopha tse matla.

“Haeba o batla ho ba mmampudi, o tshwanetse ho feta ho sehlopha seo, o leke ho nka dintlha le ho hapa hobane ho tla ba thata.”

“Rea tseba hore PSL e matla haholo, e nang le dihlopha tse ntle. Haeba o batla ho ba mmampodi, ruri o tshwanetse ho ya moo o hape papadi eo.”

Motho e mong le e mong o lora ka ho ba mmampodi, mme le rona re a lwantsha hobane re batla ho ba bammampodi,” a eketsa.

“Ke takatso e kgolo ho PSL mme retla lwana ho fihlela motsotso wa ho qetela. Nka tshepisa hore re tla shwela lebaleng mme re tswele pele ho dumela ho fihlela motsotsong wa ho qetela.”

BALA HAPE: Kaze o arabela lerata la batshehetsi ka dipalopalo tsa tshebetso ya hae