Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Orlando Pirates e tswile ho CAF Champions League

Orlando Pirates e tswile ho CAF Sehlopha sa Orlando Pirates se ntshwa mokgahlelong wa pele wa CAF Champions League (2nd preliminary games) ka mora thaho ya mekoko.

Pirates e lekantse dintlha ka mora ho kena papading e eteletswe pele ka ntlha tharo (3 – 0) mme ya boya sekwele ka ho hlaba ntlha tse tharo le ho lebisa papadi thahong ya mekoko.

Masindi Nemtajela, Yanela Mbuthuma le Oswin Appollis, ke bona ba hlabetseng Pirates dintlha karolong tse pedi tsa papadi ka ho fapana.

Thahong ya mekoko Pirates e hlotswe ke thaho tse pedi tse ka mora hore Deon Hotto le Mbuthuma ba hlolwe ke ho kora.

Pirates, e kgutlile dipapading tse tlang pele ho makgaolakgang (semi-finals) sehleng se fitileng ka mora ho hlolwa ke Pyramids ya Egypt.

Sena se hlalosa hore Pirates ke sehlopha sa pele dihlopheng tse nne tsa Afrika Boroa ho tswa dipapading tsa CAF ntle le ho fihla dipapading tsa mekgahlelo (group stages).

Hosane [26 Mphalane] Mamelodi Sundowns, Kaizer Chiefs le Stellenbosch FC, ditla kena kgabong le ho lwanela ho kena dipapading tsa mekgahlelo.

BALA HAPE: Ke nako ya Pirates ya ho etsa nalane – Ouaddou